[('st.input.test.jpg', ['haholoholo ha e ka elellwa hore mosuwe kapa mosuwetsana\nwa yona o etsa diphoso tse e qabolang. E ba ntho e monate\nho bona, e ba qabolang, e be ba simolla ho bapala ka yena le\nho mo reha lebitso leo e leng la bona feela.\n\nKa Mantaha, mosuwe Mothamo o ile a fela a se ke a\nfmyella sekolong. Yare ka hora ya robong hoseng, mosuwe-\nhlooho a amohela mohala o hlahang ho moahisani wa hae o\nhlalosang hore Mothamo o siilwe ke terene e hlahang Ma-\nngaung ka ha a ne a ile teng, mme otla fihla moo sekolong ka\nLabobedi.\n\nBarutwana ba simolla botlokotsebe ba bona mme ba\nlebala ho ithuta nakong eo mosuwe Mothamo a leng siyo ka\nyona. Phehello le metswalle ya hae ba ne ba tenehile hampe\nmme ba ikemisetsa hore ba tla mmona ha a fihla ka le\nhlahlamang, ba mmotse dipotso.\n\n"Thaka tsa ka, o kae Kofi kajeno?" ho botsa Phehello.\n\n"Owai, o bua ka Rabotswa eo wa mosuwe?" ha araba Le-\nkgowa.\n\n"Ho tloha kajeno re se re tla mmitsa ka lebitso la hae la\nkolobetso, ke Kofi." ha realo Mokgothu methaka e wele\nfatshe ke ditsheho.\n\n"Lekgowa, le lona mathaka," ho bua Phehello, "ha le\ntadima re ka fedisa jwang mokgwa ona o sa lokang wa\nmosuwe Mothamo wa ho re a se tle sekolong ka matsatsi a\nmang a beke?"\n\nO botsa potso e thata monna, empa nna Tsotsi, ke bona\neka ho tla ba molemo ha re ka kopa mosuwehlooho ho re\nrarollela qaka ena hoba mosuwe Mothamo ke motho e -\nmoholo eo re sa tshwanelang ho mo tella kapa hona ho mo\nnyatsa. Empa ke batla hore e mong le e mong hara rona\nmona a fane ka tlhahiso ya hore na re nke bohato bofe hoba\nke rona ba lahlehelwang dithutong ha selemo se eya mafe-\nlong. Re tla salla morao le ho hlolwa ke thuto ena ya Histori\n\n21\n'])]